Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaea, ke re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, mmoho le badumedi bohle ba leng naheng yohle ya Akaya, re re:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Nna Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaya.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Nna Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaya.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 1:1
31 Referencias Cruzadas  

A ntoo ya Derba le Listra. Morutuwa o ne a le teng moo, ya bitswang Timothea, mora wa mosadi wa Mojuda ya dumetseng, ntatae empa e le Mogerike.


Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.


Timothea, molekane wa ka mosebetsing, o a le dumedisa; Lusiuse, Jasone, le Sosipatere, batswala ba ka, ba le dumedisa.


Ntumedisetseng le kereke e ka tlung ya bona. Ntumedisetseng Epainete, moratuwa wa ka, eo e leng thakangwaha ya Akaea ho Kreste.


Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,


Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.


Ke sa le rapela hle, banabeso! Le tseba ba ntlo ya Setefanase, hobane ke bona bao e leng matsibolo a Akaea, le hoba ba ineetse tshebeletso ya bahalaledi.


Lerato la ka le aparetse lona bohle ho Jesu Kreste. Amen!


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silfane le Timothea, ha e a ka ya eba e le tjhe, empa e bile e ho yena.


Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;


Ke ometse ka nnete ya Kreste, e leng ho nna, hoba nke ke ka amohuwa sebaka seo sa ho ithorisa seo ke nang le sona mafatsheng a Akaea.


hobane ke tseba tjheseho ya lona tabeng ena eo ke ntseng ke ithorisa ka lona ho ba Masedonia, ka ho re, ba Akaea ba se ba ne ba lokise le ngwahola; mme tjheseho ya lona e fela e tsositse ba bangata.


Ke le Pauluse, moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, o mo tsositseng bafung;


Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, e leng ba dumetseng ho Jesu Kreste, ke re:


Re le Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba Filipi ba leng ho Jesu Kreste, le balebedi, le bahlanka ba kereke, re re:


Ke le Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntate, le ho Morena wa rona Jesu Kreste, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!


Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;


Nna Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika e ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste, ke re:


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona,


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ka baka la pallo ya bophelo bo ho Jesu Kreste;


Nna, Pauluse, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ho isa bakgethwa ba Modimo tumelong le tsebong ya nnete e leng ka borapedi,


Nna, Pauluse, moholehuwa wa Jesu Kreste, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla wena, Filemone, moratuwa le mosebedisi wa rona,


Tsebang hobane ngwanabo rona, Timothea, o lokolotswe; ekare ha a ka tla kapele, ke tla tla le yena ho le bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos