Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosthene, ngwanabo rona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke le Pauluse, ya bitsitsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste, ka ho rata ha Modimo, ke ena le Sosthene, ngwaneso,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Nna Paulosi, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosethenese, ngwanabo rona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosthene, ngwanabo rona,

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:1
28 Referencias Cruzadas  

Eitse ha e e-ba motšehare, a bitsa barutuoa ba hae, ’me ho bona a khetha ba leshome le metso e ’meli, bao a ileng a ba bitsa baapostola.


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona;


Matsatsing ao Petrose a ema hara barutuwa, a re: (palo ya mabitso e batla e ka ba lekgolo le mashome a mabedi).


Ho fihlela letsatsi leo a nyolotsweng ka lona, ka Moya o Halalelang a laetse baapostola bao a neng a ba kgethile.


Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, molaodi wa sinagoge, ba mo otla pela lekgotla. Mme Galio o ne a sa tsotelle letho la tseo.


A re ho nna: Tloha, hobane ke tla o romela ho baditjhaba hole.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Kreste Jesu, ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Ke ntse ke etsa kopo ya hore ka mokgwa ofe kapa ofe ke tle ke tle ho lona, ka thato ya Modimo, ke tle ke atlehe.


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Hobane ke e monyenyane ho baapostola, ya sa tshwanelang ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


Hobane re basebetsi mmoho le Modimo; le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.


Nna Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaya.


Hobane ke lekanya hore ha ke a ka ka hlolwa ka letho ho baapostola ba fetisang ka boholo.


Ruri dipontsho tsa moapostola di ile tsa sebetswa hara lona ka mamello yohle, ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka diketso tse matla.


Mme hona ha ba ka ba etsa kamoo re neng re tshepile kateng, ba mpa ba inehela pele ho Morena, le ho rona, ka ho rata ha Modimo.


Ke le Pauluse, moapostola, eo e seng wa batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, ya mo tsositseng bafung;


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, ba dumelang ho Jesu Kreste:


A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona,


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona;


Tseo ke kgethetsweng ho ba mmoledi le moapostola wa tsona, ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano, ke le moruti wa baditjhaba tumelong le nneteng.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ka pallo ya bophelo bo ho Jesu Kreste,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos