Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 re ngolla phutheho ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang lebitso la Jesu Kreste hohle, la Morena wa rona, la bona le la rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, e leng batho ba halaleditsweng ho Kreste Jesu, ba bitseditsweng hore e be bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang Morena wa rona Jesu Kreste kae kapa kae, yena eo e leng Morena wa rona le wa bona, re re:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 re ngolla phutheho ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang lebitso la Jesu Kreste hohle, la Morena wa rona, la bona le la rona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:2
45 Referencias Cruzadas  

Lentswe leo Modimo a le rometseng ho bana ba Iseraele, a bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng yena Morena wa bohle.


Mme ha a ka a bea phapang mahareng a rona le bona, a hlwekisa dipelo tsa bona ka tumelo.


Kamora tseo, Pauluse a tloha Athene, a ya Korinthe;


Jwale, o diehellang? ema, o kolobetswe, mme o hlatswe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.


Ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata ka monna eo, kamoo a entseng bahalaledi ba hao kateng Jerusalema hampe.


Mme le mona o na le matla a tswang ho baprista ba baholo a ho tlamisa bohle ba rapelang lebitso la hao.


Empa bohle ba mo utlwang ba makala, ba re; Na hase yena ya neng a timetsa ba rapelang lebitso lena Jerusalema, mme a tlile le mona ka morero oo, hore a tle a ba ise ba tlamilwe ho baprista ba baholo na?


Ke dumedisa ba leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Hobane ha ho phapano mahareng a Mojuda le Mogerike;


e leng ho loka ha Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste ho bohle le ho bohle ba dumelang, hobane ha ho phapang.


Mme re a tseba hore dintho tsohle di sebetsa hammoho molemong wa ba ratang Modimo, e leng ba bitswang ka morero wa wona.


Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.


Le se ke la kgopisa Bajuda, leha e le Baditjhaba, leha e le kereke ya Modimo;


Jwale, le mmele wa Kreste, le ditho ka mokgwa o mong.


Empa ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, eo dintho tsohle di tswang ho yena, le rona re ho yena; le Morena a le mong, Jesu Kreste, eo dintho tsohle di leng ka yena, le rona re ka yena.


Nna Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaya.


Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme rona re bahlanka ba lona ka baka la Jesu.


Le bana beso bohle ba nang le nna, re dumedisa dikereke tsa Galatia.


hore a tle a e halaletse, a e hlwekise ka hlatsuo ya metsi ka lentswe;


Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Hobane Modimo ha o a re biletsa ditshila, empa o re bileditse kgalalelong.


Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste:


Jwale ke rata hore banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a halalelang, ba se na kgalefo le dipelaelo.


Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o tiile, o nang le tiiso ena: Morena o tseba ba hae. Hape, e mong le e mong ya bolelang lebitso la Kreste a ke a furalle bokgopo.


O balehele ditakatso tsa botjha, o mpe o latele ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso, mmoho le ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.


Ka thato eo re halaletswang ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste hang feela.


Ka baka leo, Jesu le yena, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae, o ile a hlokofatswa kantle ho monyako wa motse.


Hobane ya halaletsang le ba halaletswang bohle ba tswa ho a le mong;


Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba halaleditsweng ke Modimo Ntatae, ba boloketsweng Jesu Kreste, ba bitsitsweng:


Seaparong sa hae le seropeng sa hae o na le lebitso le ngodilweng, KGOSI YA DIKGOSI, LE MŌNA WA LIKHOSI.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos