Empa a re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le bao a neng a ena le bona?
Mattheu 9:13 - Baasraak Sotho NT Eyang, le ithute hore na ke ho reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe. BIBELE Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eyang, le ithute hore na ke ho reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; |
Empa a re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le bao a neng a ena le bona?
Kapa, na ha le a ka la bala molaong, ho thwe, ka matsatsi a Sabatha baprista ba silafatsa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato?
Empa hola le tsebile hore na ke ho reng, ha ho thwe: Ke rata mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la ahlola ba se nang molato.
A araba, a re ho bona: Na ha le a ka la bala hobane ya ba entseng tshimolohong, o ba entse e le e motona le e motshehadi;
Jesu a re ho bona: Na ha le eso ho ka le bala Mangolong, ha ho thwe: Lejwe leo dihahi di le lahlileng, ke lona le fetohileng hlooho ya sekgutlo;
Ho tloha mohlang oo Jesu a qala ho bolela, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.
Haele bafu, hore ba tla tsoha, na ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena sehlahleng kateng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?
Le ho o rata ka pelo yohle, le ka kutlwisiso yohle, le ka moya wohle, le ka matla wohle, le ho rata wa heno jwalokaha o ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo wohle.
Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa ba kulang ha ba e batle.
le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.
Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.
Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.
ke pakela Bajuda, le Bagerike, pako ho Modimo, le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste.
Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;
Yena eo Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la wona le letona, hore e be Mmusi le Mopholosi, ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.
Morena ha a diehe mabapi le pallo ya hae, jwalokaha ba bang ba lekanya tieho; mme o pelotelele mo go rona, a sa eletse gore ope a swe, mme o rata gore botlhe ba fitlhe mo boikwatlhaong.