Mattheu 8:16 - Baasraak Sotho NT Eitse ha e se e le mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona; Sesotho 1909/1961 (SO) Yare mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona, a leleka meya ho bona ka polelo feela; a fodisa bohle ba seng monate; BIBELE Mantsiboya ha tliswa ho Jesu ba bangata ba nang le bademona; yaba o leleka meya eo ka lentswe feela, a fodisa bakudi bohle, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha e se e le mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona; |
Yare ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, mme a fodisa ba kulang ba lona.
Badisa ba baleha, ba ya motseng, ba bolela tsohle, le tse hlahetseng ba neng ba ena le batemona.
Mme bonang, ba tlisa ho yena monna ya omeletseng ditho, a robetse diphateng. Mora, beta pelo; o tshwaretswe dibe tsa hao.
Jesu ha a bona hobane letshwele le matha mmoho, a kgalemela moya o ditshila, a re ho wona: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.
Yare ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho yena; a bea e mong le e mong matsoho a hae, a ba fodisa.
Le bona batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: O Mora wa Modimo. Mme a di kgalemela, a se ke a di dumella ho bua, kahobane di ne di tseba hobane ke Kreste.
hoo ba bileng ba ntshetsa ba kulang diterateng, ba ba bea diphateng le diphateng, hore Petrose ha a feta, e ka ba seriti sa ba bang ba bona.