La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 20:20 - Baasraak Sotho NT

Jwale mma bana ba Sebedea a tla ho yena le bara ba hae, a kgumama, a kopa ntho e nngwe ho yena.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba ho tla ho yena mma bara ba Sebedea a ena le bara ba hae, mme a kgumama, a kopa ho hong ho yena.

Ver Capítulo

BIBELE

Mohatsa Sebedea, a ena le bara ba hae, a tla ho Jesu, a mo kgumamela, mme a mo kopa ho hong.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jwale mma bana ba Sebedea a tla ho yena le bara ba hae, a kgumama, a kopa ntho e nngwe ho yena.

Ver Capítulo



Mattheu 20:20
10 Referencias Cruzadas  

Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana; Wa pele ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo;


Yaba ba ka sekepeng ba tla, ba mo kgumamela, ba re: Kannete o Mora wa Modimo.


Yaba mosadi o tla ho yena, a kgumama, a re: Morena, nthuse!


Eitse ha ba kena ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria, mme ba itihela fatshe, ba mo kgumamela; khauta, le libano, le myra.


Har’a bona ho ne ho e-na le Maria Magdalena, le Maria, ’m’a Jakobo le Jose, le ’m’a bara ba Sebedea.


Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela.


Ha a tswela pele ho tloha moo, a bona ba bang ba babedi ba bara ba motho, e leng Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo, ba le ka sekepeng le Sebedea ntata bona, ba ntse ba lokisa matlowa a bona; mme a ba bitsa.


Mme bonang, ha tla molepera, a kgumama, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa.


Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le hole, hara bona ho le Maria Magdalena, le Maria mma Jakobo e monyenyane le Jose, le Salome;