La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 16:13 - Baasraak Sotho NT

Jesu ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Batho ba re Mora motho ke mang?

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jesu eitse ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Ke le Mora motho, batho ba re, ke mang na?

Ver Capítulo

BIBELE

Yare ha Jesu a fihla sebakeng sa Sesaria-Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: “Batho ba re Mora Motho ke mang?”

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jesu ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Batho ba re Mora motho ke mang?

Ver Capítulo



Mattheu 16:13
23 Referencias Cruzadas  

E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla.


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo; Mora motho o tla ba matleng a lefatshe ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Hobane Mora motho ke Morena le wa letsatsi la Sabatha.


A araba, a re ho bona: Ya jalang peo e ntle ke Mora motho;


Mora motho o tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella ho tswa mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;


Yaba Jesu o tloha teng, a ya naheng ya Tire le Sidone.


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Mohla Mora motho a tlang ka kganya ya hae, a ena le mangeloi a halalelang kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.


Empa e le hore le tle le tsebe hore Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho motho ya omeletseng ditho: “Ema, o nke diphate tsa hao, o ye tlung ya hao.


Hobane le Mora Motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Mang kapa mang ya tla hlajwa ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka molokong ona o mofebi, o moetsadibe. Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka yena, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae a ena le mangeloi a halalelang.


A re ho yena: “Kannetenete ke re ho lona: Ho tloha jwale le tla bona lehodimo le phetlehile, le mangeloi a Modimo a nyoloha a bile a theohela hodima Mora motho.


Letshwele la mo araba, la re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng; Mora motho enwa ke mang?


Mme jwalokaha Moshe a kile a fanyeha noha feelleng, Mora motho le yena e ka kgona a fanyehwe jwalo.


O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora motho.


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


A re: Bonang, ke bona mahodimo a phetlilwe, le Mora motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.