Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:6 - Baasraak Sotho NT

6 Empa e le hore le tle le tsebe hore Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho motho ya omeletseng ditho: “Ema, o nke diphate tsa hao, o ye tlung ya hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mme jwale — hore le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela batho dibe — a re ho ya omeletseng ditho: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Tsoha, o nke diphate tsa hao, o ye hae!”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa e le hore le tle le tsebe hore Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho motho ya omeletseng ditho: “Ema, o nke diphate tsa hao, o ye tlung ya hao.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:6
24 Referencias Cruzadas  

Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.


Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.


Mme bonang, ba tlisa ho yena monna ya omeletseng ditho, a robetse diphateng. Mora, beta pelo; o tshwaretswe dibe tsa hao.


Hobane ho bonolo ke hofe, ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao; kapa ho re: Ema, o tsamaye?


A tsoha, a ikela tlung ya hae.


Empa le tle le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho motho ya omeletseng ditho:


Ke ka baka lang monna enwa a bolela dinyefolo jwalo? ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?


Yaba bangodi le bafarisi ba qala ho nahana, ba re: Enwa ke mang ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya ka tshwarelang dibe, haese Modimo feela?


Mme ke di fa bophelo bo sa feleng; mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong;


Jwalokaha o mo neile matla hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a ba nee bophelo bo sa feleng.


O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora motho.


Jesu a re ho yena: Tsoha, o nke diphate tsa hao, o tsamaye.


Yena eo Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la wona le letona, hore e be Mmusi le Mopholosi, ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, o alole diphate tsa hao. Mme a tsoha hanghang.


Eo le mo tshwarelang letho, le nna ke a mo tshwarela;


Jwale, re manqosa bakeng sa Kreste, jwaloka hoja Modimo a le rapela ka rona;


mme le hauhelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo a le tshwaretse ka baka la Kreste.


Lo itshokelane, lo itshwarelane, fa mongwe a na le komang le mongwe; fela jaaka Keresete a ne a lo itshwarela, le lona lo dire jalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos