Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:13 - BIBELE

13 Yare ha Jesu a fihla sebakeng sa Sesaria-Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: “Batho ba re Mora Motho ke mang?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jesu eitse ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Ke le Mora motho, batho ba re, ke mang na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Jesu ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Batho ba re Mora motho ke mang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Jesu ha a fihla naheng ya Sesarea wa Filipi, a botsa barutuwa ba hae, a re: Batho ba re Mora motho ke mang?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:13
23 Referencias Cruzadas  

“Ponong ya ka ya bosiu ka bona e mong ya kang Mora Motho, a etla a le hodima maru, a etla ho Moholo wa Matsatsi, mme ba mo atametsa kapele ho yena.


Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.”


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Mora Motho ke morena wa Sabatha.”


A ba araba, a re: “Ya jalang peo e ntle ke Mora Motho.


Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;


Jesu a tloha moo a ya dibakeng tsa Tire le Sidone.


Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.


Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”


Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Tsoha, o nke diphate tsa hao, o ye hae!”


hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”


Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.”


A re ho yena: “Kannetenete, ke a le bolella, le tla bona lehodimo le bulehile, mme mangeloi a Modimo a nyoloha, a theohela hodima Mora Motho.”


Yaba letshwele le a mo araba, le re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng, empa wena o bolela jwang ha o re eka kgona Mora Motho a phahamiswe? Mora enwa wa motho ke mang?”


Jwalokaha Moshe a ne a phahamise noha feelleng, eka kgona Mora Motho a phahamiswe jwalo,


O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora Motho.


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


mme a re: “Bonang! Ke bona mahodimo a butswe, le Mora Motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos