Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.
Mattheu 13:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ya jetsweng mobung o motle, ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisisa; se le sona se behang, se beha, se seng ha lekgolo, se seng mashome a tsheletseng, se seng sa mashome a mararo. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ya amohetseng peo mobung o motle, ke motho ya utlwang lentswe, ya le utlwisisang, mme o a beha; hlaku e nngwe e hlahisa tse lekgolo, e nngwe e hlahisa tse mashome a tsheletseng, e nngwe e hlahisa tse mashome a mararo. BIBELE Peo e jetsweng mobung o motle ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisise. Enwa ke yena ya behang tse lekgolo, kapa tse mashome a tsheletseng, kapa tse mashome a mararo.” Baasraak Sotho NT Empa ya jetsweng mobung o motle, ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisisa; se le sona se behang, se beha, se seng ha lekgolo, se seng mashome a tsheletseng, se seng sa mashome a mararo. |
Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.
Empa tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa beha, e nngwe ha lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo.
Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.
Bana ke ba ba jadilweng mobung o motle; ke ba utlwang lentswe, mme ba le amohela, mme ba beha, e mong tse mashome a mararo, e mong tse mashome a tsheletseng, e mong tse lekgolo.
Empa e mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka pelo e ntle le e molemo, ba le boloka, mme ba beha ditholwana ka mamello.
Tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa mela, tsa beha ditholwana ha lekgolo. Eitse hobane a bolele taba tseo, a howa, a re: Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe!
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.
Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.
Bao e ne e le ba kgabane ho fetisa ba Thesalonika, kahobane ba ile ba amohela lentswe ka tabatabelo yohle ya kelello, ba fuputsa Mangolong ka matsatsi wohle, hore na ditaba tseo di jwalo na.
Ya fanang ka peo ya mojadi o tla le sebeletsa ka bohobe bakeng sa dijo tsa lona, mme a atise peo ya lona, mme a atise ditholwana tsa ho loka ha lona;
le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.
Eseng hobane ke batla neo, empa ke batla ditholwana tse tla atlehisa tlalehong ya lona.
E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.
tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;
Hape, bana beso, re a le rapela, mme re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le amohile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le hole le ho feta.
le ka thetso yohle ya ho se loke ho ba timelang; hobane ha ba a ka ba amohela lerato la nnete, hore ba tle ba bolokehe.
Hobane lefatshe le nwang pula e le nelang hangata, le medisetsang bao le lengwang dimela tse loketseng, le tla hlohonolofatswa ke Modimo.
Hobane sena ke selekane seo ke tla se etsa le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova; Ke tla kenya melao ea ka likelellong tsa bona, ke e ngole lipelong tsa bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.
Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.
Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.