Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 1:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 1:10
44 Referencias Cruzadas  

Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le behile hore le tsamaye, mme le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di nne di dule, hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, a le nee yona.


Ntate o tlotliswa ka hona, ke ha le beha ditholwana tse ngata; kahoo le tla ba barutuoa ba ka.


Mme bophelo bo sa feleng ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Bana beso, ha ke rate ha le hloka tsebo, hore ke rerile hangata ho tla ho lona, empa ka thibelwa ho fihlela jwale, hore ke tle ke be le ditholwana le hara lona, jwalokaha ke le hara baditjhaba ba bang.


Le ntata ba lebollo ho bao e seng ba lebollo feela, empa le ba tsamayang ka mehlala ya tumelo ya ntata rona Abrahama, eo a bileng le yona a eso bolle.


Ka baka leo, re patilwe le yena ka kolobetso ho kena lefung, hore jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ka kganya ya Ntate, le rona re tle re tsamaye bophelong bo botjha.


A ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo kamehla ka Kreste, mme a bonahatsa monko wa tsebo ya wona ka rona dinqalong tsohle.


Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.


Ka baka leo, re sebetsa ka thata hore, leha re le teng, leha re le sieo, re tle re amohelehe ho yena.


Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa mohau wohle; le tle le be le ho lekaneng ka mehla nthong tsohle, le atele mesebetsing yohle e molemo;


Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata rona ya kganya, o ka le nea moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya hae.


Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona.


Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.


Ho fihlela bohle re fihla bonngoeng ba tumelo le ba tsebo ea Mora oa Molimo, le monna ea phethahetseng, le tekanyo ea boholo ba botlalo ba Kreste.


Le lemohe se khahlisang Morena.


Iponeleng hore le tsamaya ka kelello, e seng jwaloka mawatla, e mpe e be jwaloka ba bohlale.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo evangeli;


Empa ke na le tsohle, mme ke atetswe; ke kgotshe, ke amohetse ho Epafroditase tse tswang ho lona, tse monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Mme a sa tshware Hlooho, eo ho yona mmele wohle o sebeletswang ka manonyello le mahlapo, o hohelwang hammoho ka ho hola ha Modimo.


Jwalokaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, le tsamaye jwalo ho yena.


Lona bana, mamelang batswadi ba lona nthong tsohle, hobane hoo ho kgahlisa Morena.


Le tsamaye ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla nako.


Le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le bileditseng mmusong wa wona le kganyeng ya wona.


Hape, bana beso, re a le rapela, mme re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le amohile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le hole le ho feta.


Ha ho ya ntweng ya ikenyang litabeng tsa bophelo bona; hore a tle a kgahlise ya mo kgethileng ho ba mohlabani.


U ba hopotse ho ipeha tlas’a mebuso le babusi, le ho utloa babusi, ba itokiselitse mesebetsi eohle e molemo;


Mme le ba rona a ba ithute ho tiisetsa mesebetsing e metle, hore ba tle ba be le dithuso tse hlokahalang, e le hore e se be ba sa beheng.


Ka tumelo Henoke o ile a tloswa hore a se ke a bona lefu; mme a se ke a fumanwa, kahobane Modimo o ne o mo tlositse;


Empa le se ke la lebala ho etsa hantle le ho abelana, hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Hobane ha dintho tsena di le ho lona, mme di ngatafala, di tla le etsa hore le se be ba nyopa kapa ba sa beheng tsebong ya ho tseba Morena wa rona Jesu Kreste.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Mme seo re se kopang re se amohela ho wona, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa tse o kgahlisang.


Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.


ba pakileng tsa lerato la hao pela kereke;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos