Thuto ya Johanne Mokolobetsi( Mar. 1:1-8 ; Luka 3:1-9 , 15-17 ; Joh. 1:19-28 ) 1 Mehleng eo ha hlaha Johanne Mokolobetsi; a ruta feelleng la Judea, 2 a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!” 3 Ke yena ya boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re: “Lentswe la ya howang feelleng le re: ‘Lokisang mmila wa Morena, le otlolle ditsela tsa hae!’ ” 4 Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha. 5 Jwale batho ba Jerusalema, le ba Judea yohle, le ba phuleng yohle ya Jorodane ba tswela ho yena, 6 ba kolobetswa ke yena nokeng ya Jorodane, ba ntse ba ipolela dibe tsa bona. 7 Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang? 8 Bontshang ka diketso hore le bakile, 9 mme le se ke la nahana, la re: ‘Ntata rona ke Aborahama,’ hobane ke a le bolella hore Modimo o na le matla a ho hlahisetsa Aborahama bana ka majwe ana. 10 Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate sefe kapa sefe se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong. 11 “Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo. 12 Seoloso se letsohong la hae, mme o tla fiedisisa seotlo sa hae, a bokelle koro ya hae sesiung, mmoko wona a o tjhese mollong o sa timeng.” Jesu o a kolobetswa( Mar. 1:9-11 ; Luka 3:21 , 22 ) 13 Yaba Jesu o fihla nokeng ya Jorodane a etswa Galelea, a tla ho Johanne hore a kolobetswe ke yena. 14 Empa Johanne a leka ho mo thiba, a re: “Eka kgona e be nna ya kolobetswang ke wena, athe wena o tla ho nna?” 15 Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela. 16 Hanghang hoba Jesu a kolobetswe, a tswa metsing, mme bonang, a bulelwa mahodimo, a bona Moya wa Modimo o theoha e ka leeba, o etla hodima hae; 17 ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa