Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 3:10 - BIBELE

10 Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate sefe kapa sefe se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate ka seng se sa beheng tholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Mme jwale selepe se beilwe metsong ya difate;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Mme jwale selepe se beilwe metsong ya difate;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 3:10
26 Referencias Cruzadas  

ya e amang a tshware selepe le theko ya lerumo, a e lahlele thotobolong, e tjheswe lore!”


Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.


Ba ntikanetseng ba se tsohe molota, ditshokelo tsa bona di ke di ba wele hodimo.


Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla.


Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.”


La howeletsa, la re: “ ‘Remang sefate, makala a sona le a kgethule, mahlaku le a hlohlore, tholwana le di hasanye; batana di balehe moriting wa sona, nonyana di falle makaleng a sona.


Morena wa mabotho o re: “Ruri letsatsi leo le a tla; le tla tjhesa jwaloka sebopi sa mollo. Bohle ba ikakasang le ba etsang bokgopo ba tla ba jwaloka mmoko. Letsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa ka mollo. Ha le ka ke la ba siela motso kapa lekala.


A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.


Sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se ye se rengwe, se lahlelwe mollong.


“Ha e le moo ba etsa tsena sefateng se metsi, ho tla etsahalang ho se omeletseng?”


Etswe selepe se se se beilwe metsong ya difate; ka baka leo, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se tla rengwa, se lahlelwe mollong.”


Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.


Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe.


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


Empa e medisang meutlwa le tshehlo ha e na thuso, e se e atametse thohako, mme e tla qetella e tjhesitswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos