Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 3:15 - BIBELE

15 Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Jesu a araba, a re ho yena: “Lesa ho be jwalo jwale, hobane e ka kgona re phethe jwalo ho loka hohle. Yaba o mo dumella.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Jesu a araba, a re ho yena: “Lesa ho be jwalo jwale, hobane e ka kgona re phethe jwalo ho loka hohle. Yaba o mo dumella.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 3:15
13 Referencias Cruzadas  

Ho kgahlile Morena ka baka la ho loka ha hae, hore Molao wa hae o be moholo, o tlotlehe.


Empa Johanne a leka ho mo thiba, a re: “Eka kgona e be nna ya kolobetswang ke wena, athe wena o tla ho nna?”


Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.


Ke le beetse mohlala, hore le lona le tle le etse jwalokaha ke le entse.


Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.


Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Ya nthomileng o na le nna; ha a ya ntlohela ke nnotshi, hobane ke etsa tse mo kgahlisang kamehla.”


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


Ya reng o phela ho yena, eka kgona le yena a tsamaye kamoo Jesu a neng a tsamaya kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos