Davida a ya ba kgahlanyetsa, a re ho bona: “Haeba le tlile ka kgotso, ho tla nthusa, ke tla le kgomarela, empa haeba le tlile ho tla nkekela dira tsa ka, leha ke se na molato, Modimo wa bo-ntata rona o tla le bona, a le otle.”
Yuda 1:9 - BIBELE Empa le lengeloi le leholo Mikaele, mohla le neng le tsekisana setopo sa Moshe le Diabolosi, ha le a ka la mo ahlola ka thohako, feela le itse: “Morena a ke a o kgalemele.” Sesotho 1909/1961 (SO) Athe haele arekangeloi Mikaele, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolose, o tshabile ho mo ahlola ka nyefolo, a mpa a re: Morena a o kgalemele! Baasraak Sotho NT Empa Mikaele, lengeloi le leholo, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolosi, a se ke a beta pelo ho mo qosa ka puo e nyefolang, a mpa a re: Morena a o kgalemele! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa Mikaele, lengeloi le leholo, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolosi, a se ke a beta pelo ho mo qosa ka puo e nyefolang, a mpa a re: Morena a o kgalemele! |
Davida a ya ba kgahlanyetsa, a re ho bona: “Haeba le tlile ka kgotso, ho tla nthusa, ke tla le kgomarela, empa haeba le tlile ho tla nkekela dira tsa ka, leha ke se na molato, Modimo wa bo-ntata rona o tla le bona, a le otle.”
Empa lengeloi le sireletsang mmuso wa Peresiya le ile la nthibela ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong. Yaba Mikaele, le leng la mangeloi a ka sehloohong, o a nthusetsa, hobane ke ne ke setse moo ke le mong le kgosi ya Peresiya.
Ke tla o bontsha se ngotsweng Bukeng ya Nnete. Ha ho le ya mong ya emeng le nna ntweng ena, haese Mikaele, kgosana ya heno.
“Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa.
Morena a re ho Satane: “Wena Satane, Morena o a o kgalemela! Morena ya ikgethetseng Jerusalema o a o kgalemela! Na motho eo hase lefatsa le hutsweng mollong le ntse le tuka?”
Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho, ba re: “Aha! Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo,
Morena a mo epela ka kgohlong, naheng ya Moabe, malebane le Bete-Peore. Empa ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ho motho ya tsebang lebitla la Moshe.
Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.
Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:
athe mangeloi, a ba fetang ka boholo le ka matla, wona a ke ke a ba qosa ho Morena ka ho ba nyefola, hore ba tle ba ahlolwe.
Yaba lehodimong ho qhoma ntwa: Mikaele le mangeloi a hae a lwana le kganyapa. Kganyapa le yona ya itwanela e ena le mangeloi a yona,