Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 10:21 - BIBELE

21 Ke tla o bontsha se ngotsweng Bukeng ya Nnete. Ha ho le ya mong ya emeng le nna ntweng ena, haese Mikaele, kgosana ya heno.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Leha ho le jwalo, ke rata ho o senolela se ngodilweng bukeng ya nnete. Ha ho ya ntlatsang ho lwantsha bano, haese Mikaele, kgosana ya lona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 10:21
14 Referencias Cruzadas  

Empa lengeloi le sireletsang mmuso wa Peresiya le ile la nthibela ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong. Yaba Mikaele, le leng la mangeloi a ka sehloohong, o a nthusetsa, hobane ke ne ke setse moo ke le mong le kgosi ya Peresiya.


“Ka yona nako eo, Mikaele, kgosana e kgolo, mosireletsi wa setjhaba sa heno, o tla fihla. Mohlang oo ho tla ba le ditlokotsi tse esong ho ka di bonwa, haesale ditjhaba di eba teng ho fihlela kajeno. Ha nako eo e fihla, bohle ba setjhaba sa heno ba ngotsweng Bukeng, ba tla lopollwa.


Empa wena Daniele, mantswe a Buka ena o a etse pinyane, o e bitiele ho fihlela mehla ya bofelo. Ba bangata ba tla e phenyaphenya, kahoo tsebo ya bona e eketsehe.”


“Pono ya mahlabelo a mantsiboya le a hoseng, pono eo e senotsweng ho wena ke ya nnete; feela wena o e etse bofihla ba hao, hobane tsa yona ke tsa mehla e tlang.”


A bua le nna, a ntlhalosetsa, a re: “Daniele, jwale ke tlile ho wena ho tla o nea tsebo le kutlwisiso.


“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!


Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.


Mantswe a baporofeta a bile a dumellana le taba ena, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:


tse tsebilweng ho tloha mehleng ya boholoholo.


Empa le lengeloi le leholo Mikaele, mohla le neng le tsekisana setopo sa Moshe le Diabolosi, ha le a ka la mo ahlola ka thohako, feela le itse: “Morena a ke a o kgalemele.”


Yaba lehodimong ho qhoma ntwa: Mikaele le mangeloi a hae a lwana le kganyapa. Kganyapa le yona ya itwanela e ena le mangeloi a yona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos