Jareta o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e mmedi ha a tswala Henoke.
Yuda 1:14 - BIBELE Ke ka bona batho bana Henoke, wa moloko wa bosupa ho tloha ho Adama, a ileng a porofeta, a re: “Bonang, Morena o tla le mangeloi a hae a halalelang, a diketekete, Sesotho 1909/1961 (SO) Le bona ba porofetilwe ke Henoke, monna wa bosupa ha ho qalwa ka Adama, ka ho re: Baasraak Sotho NT Le Henoke, wa bosupa ho tloha ho Adama, o porofetile tsa bona, a re: Bonang, Jehova o tla le bahalaleli ba hae ba diketekete. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le Henoke, wa bosupa ho tloha ho Adama, o porofetile tsa bona, a re: Bonang, Jehova o tla le bahalaleli ba hae ba diketekete. |
Jareta o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e mmedi ha a tswala Henoke.
Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.
Le tla baleha le fete kgohlo ya thaba ya ka hobane kgohlo ya dithaba e tla be e hobaletse ho ya fihla Asale. Le tla baleha jwalokaha le ne le balehe ha lefatshe le reketla mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda. Jwale Morena Modimo wa ka, o tla tla a ena le bahalaledi bohle.
Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.
“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.
A na a re: “Morena o ne a etswa Sinai, tjhaba a se tjhabela a etswa Seire; a phatsima a le hodima Thaba ya Parane, kete tsa bahalaledi di mo apere, ka le letona a utlile sabole e tukang malakabe.
Ka mokgwa ona a ke a matlafatse dipelo tsa lona, e tle ere mohla Morena wa rona Jesu a tlang le bahalaledi ba hae bohle, le halalele, le se ke la nyatseha mahlong a Modimo, Ntata rona.
Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo ya phelang, e leng Jerusalema ya lehodimo, le ho diketekete tsa wona tsa mangeloi.
Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!
Ka tadima hape, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata, a potapotileng terone, le dibopuwa tse phelang, le baholo. Palo ya wona e ne e le dikete tsa diketekete.