Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 26:21 - BIBELE

21 Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane bona, Jehova o se a ya tloha nqalong ya hae ho putsa ba ahileng lefatsheng ka ho lekaneng le bokgopo ba bona; lefatshe le tla senola madi a momilweng ke lona, mme ha le sa tla pata ba bolailweng ho lona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 26:21
28 Referencias Cruzadas  

“Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa!


Mahodimo a tla talola bokgopo ba hae, lefatshe le eme ka maoto ho mo qosa.


Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae?


Lefatshe ke tla le otla, ke le otlele bokgopo ba lona, ba kgopo le bona ke ba otle, ke ba otlele dibe tsa bona, boikakaso ba ba itjang ke bo fedise, boikgohomoso ba bompodi ke bo kokobetse.


Morena o itse ho nna: “Ke tla tadima ke le leahong la ka, ke kgutsitse, sa ha tsatsi le tjhesa haholo, sa phoka e lalang ha ho kotulwa.”


Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.


Morena wa mabotho o tla o pholosa, a o pholose ka diaduma le ka tshisinyeho ya lefatshe, a o pholose ka rata le leholo, ka sefefo le setsokotsane le malakabe a timetsang.


“Tsohle di se di ngotswe, di kapele ho nna, ha nka ke ka kgutla, ke busetsa molamu sefateng, ke o busetsa sefateng ka sefutho se le seholo,


ka baka la dibe tsa lona le tsa baholoholo ba lona,” ho rialo Morena. “Ba ne ba tjhesetse mokubetso hodima dithaba, ba nnyefola ha ba le hodima maralla, ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa moputso, ketso tsa bona tsa pele ke di putse ka ho tlala.”


Utlwang morusu o tswang kahara motse! Utlwang lerata le tswang ka Tempeleng! Ke modumo o tswang ho Morena, o putsa dira tsa hae ho ya ka mesebetsi ya tsona.


Yaba Morena o re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bona seo ba se etsang? Na o bona manyala ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang moo, e le hore ke tle ke suthelle hole le Sehalalelo sa ka? Empa ako hetle hape, mme o tla bona manyala a mabe ho feta ana.”


Dithoto ting! Na ya ileng a etsa bokantle hase yena ya entseng le bokahare?


hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng haesale lefatshe le thewa, a tle a batlwe ho moloko ona,


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


Babilona ho fumanwe madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba ileng ba bolawa lefatsheng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos