Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Yuda 1:15 - BIBELE

15 ho tla ahlola bohle, le ho kgalemella bohle ba kgopo mesebetsi yohle ya bona e kgopo, le dipolelo tsohle tse mpe, tseo baetsadibe bao ba kgopo ba mo sitetsweng ka tsona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bonang, Morena o tlile le bahalaledi ba hae ba diketekete ho etsa kahlolo hodima bohle, le ho kgalemela banyefodi bohle ka baka la diketso tsohle tsa bonyefodi, tseo ba sitilweng ka tsona, le la dipolelo tsohle tse thata, tseo baetsadibe bao ba banyefodi ba di buileng hodima hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 ho ahlola bohle, le ho kgalemela bohle ba kgopo hara bona ka baka la diketso tsa bona tsa bokgopo, tseo ba di entseng ka bokgopo, le dipolelo tsohle tse thata tseo baetsadibe ba kgopo ba di buileng hodima hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ho ahlola bohle, le ho kgalemela bohle ba kgopo hara bona ka baka la diketso tsa bona tsa bokgopo, tseo ba di entseng ka bokgopo, le dipolelo tsohle tse thata tseo baetsadibe ba kgopo ba di buileng hodima hae.

Ver Capítulo Copiar




Yuda 1:15
35 Referencias Cruzadas  

Ke ba buang hampe ka wena, ba o lwantshetsang lefeela.


ba ba dihele kahlolo e seng e ngotswe. Ke bona he, boitumelo ba batshepuwa ba hae. Haleluja!


Morena, ha ke ipiletsa ho wena ke se ke ka hlajwa ke dihlong, empa dihlong di ke di hlabe ba kgopo, ba kgutsiswe ka ho theolelwa Nqalong ya Bafu.


O tla etsa hore ho loka ha hao ho kganye, ho kganye jwaloka lesedi, le ditokelo tsa hao di kganye jwaloka letsatsi, motsheare o moholo.


Melomo ya bona e nyefola tsa lehodimo, maleme a bona a bebera tsa lefatshe.


Ba a hehla, ba bua ka boikakaso, bohle ba kgopo ba a ithorisa.


kapele ho Morena, hobane o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka ho loka.


Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.


Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe.


Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.’ ”


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


Ka batla ho tseba le tsa manaka a leshome a hloohong ya sona, le tsa lenakana le ileng la runyola a mang a mararo, le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le neng le feta manaka a mang a habo lona.


O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora Motho.


hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka toka, ka monna eo a mo kgethileng, mme o neetse bohle bopaki ka ho mo tsosa bafung.”


Jwale wena o ahlolelang ngwaneno? Wena o nyedisetsang ngwaneno? Bohle le tla ema kapele ho setulo sa kahlolo sa Modimo,


Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Ha e le ba kantle, ke Modimo ya tla ba ahlola. “Tlosang ya kgopo kahara lona.”


Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho,


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Jwale ka bona sebatana se seng se nyoloha lefatsheng. Se ne se ena le dinaka tse pedi tse kang tsa konyana, empa se ne se bua jwaloka kganyapa.


Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.” A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu.


“Kgaotsang dipuo tsa boikgohomoso, boikalatiso bo se tswe melomong ya lona, hobane Morena ke Modimo ya tsebang tsohle, diketso tsohle di ahlolwa ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos