Sakaria 14:5 - BIBELE5 Le tla baleha le fete kgohlo ya thaba ya ka hobane kgohlo ya dithaba e tla be e hobaletse ho ya fihla Asale. Le tla baleha jwalokaha le ne le balehe ha lefatshe le reketla mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda. Jwale Morena Modimo wa ka, o tla tla a ena le bahalaledi bohle. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Le tla baleha ka kgohlo ya dithaba tsa ka, hobane kgohlo ya dithaba tseo e tla fihla Atsele; le balehe jwaloka mohla le balehileng ka baka la tshisinyeho ya lefatshe, mehleng ya Osiase, morena wa Juda. Mme Jehova, Modimo wa ka, o tla tla, a ena le bahalaledi kaofela! Ver Capítulo |
Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.
Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.