Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.
Ruthe 1:20 - BIBELE Empa a re ho bona: “Le se ke la mpitsa Naomi; le mpe le mpitse Mara, hobane Ya Matla wohle o nketseditse tse bohloko. Sesotho 1909/1961 (SO) Yena a re ho bona: Se mpitseng Naomi (ya kgahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etswe Ya matla wohle a nkentse ka mokgwa o babang haholo. |
Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.
Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.”
“Na o ka tseba phiri sa Modimo ka ho fuputsa? Kapa wa fihlela bohlale ba Ya Matla wohle?
“Ho lehlohonolo eo Modimo a mo tshwayang phoso, kahoo se nyatse ha Ya Matla a o kgalema.
Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!
Ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, hobane a ne a baba. Ke ka lebaka lena sebaka seo se reilweng lebitso la Mara.
Ke ile ka iponahatsa ho Aborahama, le ho Isaka, le ho Jakobo, ke le Modimo ya matla wohle, empa ha ke a ka ka itsebisa bona ka lebitso la ka, ke le Morena.
Ka sesa bosiu ke ntse ke lla ke bohloko, jwalokaha eka tau e nthoba masapo, ka dinako tsohle ke ne ke re o tla ntimetsa.
Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.
“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.
Ha ke a ka ka bona tempele motseng oo, hobane tempele ya wona ke Morena, Modimo ya matla wohle, le Konyana.