Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 19:6 - BIBELE

6 jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 19:6
18 Referencias Cruzadas  

O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?


Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama?


“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;


Ya fihlametsweng ke tsela o tswaletsweng, athe Modimo o mo raletse mathibela?


O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha.


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


Ke a le kopa: Imameleng, phoso e se be teng; imameleng hape, esere ho loka ha ka ha thunthetswa.


Haeba ke sitilwe, ke o sinyeditseng? Wena Molebedi wa batho? Ke ka dife o nkentseng pakane ya hao, hoo le nna ke seng ke bile ke itenne?


Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka?


Kgosana eo ke tla e tjhehela leraba le tla e tshwasa, ebe ke e isa Babilona, naheng ya Bakalatiya. Le hoja kgosana eo e tla shwela moo, empa e ke ke ya bona naha eo.


“Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ka matshwele a ditjhaba tse ngata, ke tla akgela letlowa la ka, ke le akgele hodima hao, ka letlowa lena a o hulele kantle.


Hohle moo ba yang teng ke tla ba tshwasa, ke akgele tlowa la ka hodima bona; ke ba theole sa nonyana tse fofang, ke ba tshwase ha ba kgobokana mmoho.


“Etlare ha le bona Jerusalema e teelwa hare ke mabotho, le tsebe hore ho ripitlwa ha yona ho atametse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos