Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yena a re ho bona: Se mpitseng Naomi (ya kgahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etswe Ya matla wohle a nkentse ka mokgwa o babang haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Empa a re ho bona: “Le se ke la mpitsa Naomi; le mpe le mpitse Mara, hobane Ya Matla wohle o nketseditse tse bohloko.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 1:20
16 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!


Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?


le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona.


Bona, ho lehlohonolo motho eo Modimo o mo layang! Ha ho le jwalo, o se ke wa nyatsa kotlo ya Ya matla wohle;


Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.


Ha o mphe sebaka sa ho ntsha letshwea, hobane o nkgorisa tse babang.


ke otlwa ka matsatsi wohle, ke lauwa kameso yohle.


Ke madimabe, ke ntse ke eshwa esale le botjheng ba ka, ke tshoswa ke matshabeho a hao, mme ke tsielehile.


Ba ba ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, kahobane a ne a baba; ke ka baka lena a reilweng bitso la Mara (ho baba).


Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova.


Ka ba ka itshwara ho isa hosasane; a roba masapo a ka jwalokaha ho roba tau; ho tloha hosasa ho isa bosiu, o tla be o nqetile.


Empa tayo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; e a mo llisa; empa hamorao, ba rutwang ka yona e ba kotudisa kgotsong ditholwana tsa ho loka.


Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, ho bolela Morena Modimo, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, ya matla wohle.


Haele tempele, ha ke a ka ka e bona ho wona; hobane Morena Modimo o matla wohle le Konyana ke tempele ya wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos