Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 6:3 - BIBELE

3 Ke ile ka iponahatsa ho Aborahama, le ho Isaka, le ho Jakobo, ke le Modimo ya matla wohle, empa ha ke a ka ka itsebisa bona ka lebitso la ka, ke le Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 6:3
23 Referencias Cruzadas  

Aborame a kgokgotholla ditente tsa hae, a ya aha difateng tsa eike tsa Mamore, tse Heborone, mme a hahela Morena aletare teng.


Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.


Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”


Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba.


Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.


Yaba Jakobo o re ho Josefa: “Modimo ya matla wohle o ne a iponahatse ho nna, ha ke le Lose, naheng ya Kanana, mme a ntlhohonolofatsa,


Empa ba lokileng ba a thaba, ba nyakallela Modimo, ba tlale thabo.


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


Morena ke mohlabani, lebitso la hae ke Morena.


O le ele hloko, mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, hobane le ke ke la o tshwarela melato ya hao, kaha ke moromuwa wa ka ya lebitsong la ka.


Modimo a re ho Moshe: “Ke nna yena eo e ntseng e le yena.” Yaba o re: “O tla bolella setjhaba sa Iseraele tjena: ‘Eo e ntseng e le yena o nthomile ho lona.’ ”


“Ke nna Morena, lena ke lona lebitso la ka! Nke ke be ka nea e mong tlotla ya ka, kapa medimo ya bohata tlotliso ya ka.


“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.


“Ke ka baka lena ke tla ba ruta, ke ba rute hape la ho qetela, ke ba rute matla a ka le bonatla ba ka, mme ba tla tseba hore nna ke bitswa Morena.”


“Morena ya entseng lefatshe, ya le bopileng a ba a le tsitsisa, eo lebitso la hae e leng Morena, o bua tjena:


o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke ile ka hlapanyetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo, ka ba ka iponahatsa ho tsona ha di le naheng ya Egepeta. Ka bua le tsona ke phahamisitse letsoho la ka, ka re: “Ke nna Morena Modimo wa lona.”


Ha ke se ke butse mabitla a lona, ke le ntshitse kahara wona, lona setjhaba sa ka, le tla tseba hore ke nna Morena.


Ke tla manamisa mesifa hodima masapo, nama e hlomele hodima wona, ke kwahele ka letlalo, ebe ke budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.”


Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae;


Empa a re ho bona: “Le se ke la mpitsa Naomi; le mpe le mpitse Mara, hobane Ya Matla wohle o nketseditse tse bohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos