“ ‘Ka bona bosiu boo ke tla tsamaya naheng yohle ya Egepeta, ke bolaye matsibolo wohle a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla ahlola medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Morena.
Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang.
Modimo a re ho Moshe: “Ke nna yena eo e ntseng e le yena.” Yaba o re: “O tla bolella setjhaba sa Iseraele tjena: ‘Eo e ntseng e le yena o nthomile ho lona.’ ”
Modimo a boela a re ho Moshe: “O tla bolella bana ba Iseraele tjena: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona.’ Lena ke lona lebitso la ka la mehla yohle; ke tla tsejwa ka lona ke meloko yohle.
“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.
Ke tla le fihlisa naheng eo ke neng ke hlapanye hore ke tla e nea Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme ke tla e nea lona e be leruo la lona. Ke nna Morena.’ ”
empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.
o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke ile ka hlapanyetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo, ka ba ka iponahatsa ho tsona ha di le naheng ya Egepeta. Ka bua le tsona ke phahamisitse letsoho la ka, ka re: “Ke nna Morena Modimo wa lona.”