La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 7:88 - BIBELE

Diphoofolo tsohle tsa sehlabelo sa nyehelo ya teboho e ne e le diphowana tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dinku tse tona tse nang le selemo, tse mashome a tsheletseng. Tsena ya eba tsona dinyehelo tsa kgalaletso ya aletare, ha e se e tlotsitswe.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Dikgomo tsohle tsa sehlabelo sa teboho e bile dipoho tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dikonyana tse tona tse mashome a tsheletseng tse lemo se le seng. Ke tseo dikabelo tse neng di tliswe ho kgakola aletare ha e ne e sa tswa tlotswa.

Ver Capítulo



Numere 7:88
5 Referencias Cruzadas  

Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mafura a yona, le mafura wohle a mohatla o kgaoletsweng nkatapeng, le mohlehlo, le mafura wohle a dikahare.


Ka letsatsi leo Moshe a qetileng ho hloma Tente ya Morena ka lona, a e tlotsa, a e halaletsa hammoho le dijana tsohle tsa yona; le aletare, le dijana tsohle tsa yona, le tsona a di tlotsa, a di halaletsa.


Mahosana a tlisa nyehelo ya kgalaletso ya aletare, mohla e tlotswang, mme mahosana ao a etsa nyehelo ya wona kapele ho aletare.


Tsena e bile tsona dinyehelo tsa kgalaletso ya aletare, mohla e neng e tlotswa ke mahosana a Iseraele: mekeke ya silefera e leshome le metso e mmedi, dikotlolo tsa silefera tse leshome le metso e mmedi, mafiswana a kgauta a leshome le metso e mmedi.


Diphoofolo tsohle tsa nyehelo ya setjheso e ne e le diphowana tse leshome le metso e mmedi; dipheleu tse leshome le metso e mmedi; dinku tse tona tse nang le selemo, tse leshome le metso e mmedi, le nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona; le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa nyehelo e tlosang sebe.