Levitike 3:9 - BIBELE9 Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mafura a yona, le mafura wohle a mohatla o kgaoletsweng nkatapeng, le mohlehlo, le mafura wohle a dikahare. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)9 Sehlabelong seo sa teboho, o tla nka seo a tla se etsa sehlabelo se tjheswang ka mollo pela Jehova, e leng mafura, le mohatla kaofela, oo a tlang ho o pomela senokong sa sefutsi, le mohlehlo o apesang mala, le mafura wohle a kgomaretseng mala, Ver Capítulo |
Ka lona letsatsi leo, kgosi ya halaletsa le bohare ba seotlwana se kapele ho ntlo ya Morena. Solomone a etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura ya teboho hona moo, hobane aletare ya lethose, e kapele ho Morena, e ne e le nyenyane hoo e neng e ke ke ya lekana dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dijo, le dinyehelo tsa mafura tsa teboho.
Diphoofolo tsohle tsa sehlabelo sa nyehelo ya teboho e ne e le diphowana tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dinku tse tona tse nang le selemo, tse mashome a tsheletseng. Tsena ya eba tsona dinyehelo tsa kgalaletso ya aletare, ha e se e tlotsitswe.