Levitike 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)9 Sehlabelong seo sa teboho, o tla nka seo a tla se etsa sehlabelo se tjheswang ka mollo pela Jehova, e leng mafura, le mohatla kaofela, oo a tlang ho o pomela senokong sa sefutsi, le mohlehlo o apesang mala, le mafura wohle a kgomaretseng mala, Ver CapítuloBIBELE9 Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mafura a yona, le mafura wohle a mohatla o kgaoletsweng nkatapeng, le mohlehlo, le mafura wohle a dikahare. Ver Capítulo |
Tsatsing lona leo, morena a kgetha sebaka se hara lebala le pela ntlo ya Jehova, hobane ke moo a kileng a hlahisa mahlabelo a ditjheso, le dinyehelo, le mafura a mahlabelo a teboho; hobane aletare ya koporo, e pela Jehova, e ne e le nyenyane, e sa lekane ditjheso le dinyehelo le mafura a mahlabelo a teboho.
Dikgomo tsohle tsa sehlabelo sa teboho e bile dipoho tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dikonyana tse tona tse mashome a tsheletseng tse lemo se le seng. Ke tseo dikabelo tse neng di tliswe ho kgakola aletare ha e ne e sa tswa tlotswa.