Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 7:88 - Sesotho 1909/1961 (SO)

88 Dikgomo tsohle tsa sehlabelo sa teboho e bile dipoho tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dikonyana tse tona tse mashome a tsheletseng tse lemo se le seng. Ke tseo dikabelo tse neng di tliswe ho kgakola aletare ha e ne e sa tswa tlotswa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

88 Diphoofolo tsohle tsa sehlabelo sa nyehelo ya teboho e ne e le diphowana tse mashome a mabedi a metso e mene, le dipheleu tse mashome a tsheletseng, le diphooko tse mashome a tsheletseng, le dinku tse tona tse nang le selemo, tse mashome a tsheletseng. Tsena ya eba tsona dinyehelo tsa kgalaletso ya aletare, ha e se e tlotsitswe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 7:88
5 Referencias Cruzadas  

Sehlabelong seo sa teboho, o tla nka seo a tla se etsa sehlabelo se tjheswang ka mollo pela Jehova, e leng mafura, le mohatla kaofela, oo a tlang ho o pomela senokong sa sefutsi, le mohlehlo o apesang mala, le mafura wohle a kgomaretseng mala,


Ka letsatsi leo Moshe a qetang ho emisa tabernakele, a e tlotsa, a e halaletsa le mesebetsi yohle ya yona, le aletare, le mesebetsi yohle ya yona; a di tlotsa, mme a di kgetha.


Ka tsatsi leo aletare e neng e kgakolwe ka lona, mohla e tlotswang, marena a tlisa dikabelo tsa wona, marena a hlahisa dikabelo tsa wona pela aletare.


Dikabelo tsa ho kgakola aletare, tse tlisitsweng ke marena a Iseraele mohla e tlotswang, ya eba tse kalo: Mekeke e leshome le metso e mmedi ya silefera, le merifi e leshome le metso e mmedi ya silefera, le dipitsa tse leshome le metso e mmedi tsa kgauta.


Dikgomo tsohle tsa setjheso e bile dipohwana tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse leshome le metso e mmedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mmedi tse lemo se le seng, le dinyehelo tsa ntho tseo; le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos