Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.
Numere 5:9 - BIBELE Nyehelo e nngwe le e nngwe e phahamisetswang hodimo, ya dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, eo ba e tlisetsang moprista eo, e tla ba ya moprista. Sesotho 1909/1961 (SO) Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena. |
Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.
Le e jelle sebakeng se halalelang, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang nyehelong ya setjheso ya Morena, kamoo ke laetsweng kateng.
“Sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le di jelle sebakeng se hlwekileng. Di jewe ke wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, hobane ke seabo seo o se filweng, se filweng le bara ba hao, se tswang mahlabelong a nyehelo ya teboho ya bana ba Iseraele.
Ba tlise serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le sefuba sa nyehelo e akgotswang, mmoho le nyehelo ya setjheso sa mafura, ho tla di akgotsa e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao, e be seabo sa hao sa mehla yohle, jwalokaha Morena a laetse.”
Moprista ya etsang sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, o tla ja nama ya phoofolo eo. O tla e jella sebakeng se halalelang, ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.
Sehlabelong sa hao, sa nyehelo ya teboho, o tla nea moprista serope sa tsoho le letona, e le nyehelo e akgotswang.
Sehlabelong sa nyehelo ya teboho, ya bana ba Iseraele, ke nkile sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, ke di neile moprista Arone le bara ba hae; ke molao wa mehla yohle.’ ”
Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.”
Moshe a nea moprista Eleasare seabo seo sa Morena, jwalokaha Morena e ne a laetse Moshe.
Empa haeba motho ya sitetsweng a se na moneketsela oo tefo ya molato e ka iswang ho wona, tefo eo ya molato e tla lefelwa Morena, mme e tla ba ya moprista. Tefo ena ke e kathoko ho pheleu ya tefelo ya sebe, eo moprista a tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka yona.
“Ke feela dintho tse halalelang tsa lona, le dikano tsa lona, tseo le ka di isang sebakeng seo Morena a tla se kgetha.