Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 31:41 - BIBELE

41 Moshe a nea moprista Eleasare seabo seo sa Morena, jwalokaha Morena e ne a laetse Moshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ka taelo eo Jehova a neng a mo neile yona, Moshe a nea moprista Eleasare lekgetho la Jehova ka mokgwa wa nyehelo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:41
14 Referencias Cruzadas  

Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng.


Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.”


Morena a re ho Arone: “Bona, o tla hlokomela dinyehelo tsa ka; ke o neile dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, e le seabo sa hao le sa bara ba hao. Hona ke taelo ya mehla yohle.


Batho e ne e le dikete tse leshome le metso e tsheletseng, mme ho bona seabo sa Morena e le batho ba mashome a mararo a metso e mmedi.


Sekoto se abetsweng bana ba Iseraele, seo Moshe a ileng a se arola ho sa bahlabani ba tswang ntweng,


Dintho tse halalelang tsa motho e mong le e mong e tla ba tsa moprista; seo motho ofe kapa ofe a se neang moprista, e tla ba sa moprista.’ ”


Nyehelo e nngwe le e nngwe e phahamisetswang hodimo, ya dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, eo ba e tlisetsang moprista eo, e tla ba ya moprista.


Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios