Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:19 - BIBELE

19 Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke o nea dikabelo tsohle tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisetsa Jehova ka ho di emisa, ke re, ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao ka molao o sa feleng. Ke selekane se se nang ho kgaolwa, se sa feleng pela Jehova, se entsweng le wena le ditloholo tsa hao.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:19
15 Referencias Cruzadas  

Ha e le tjhelete ya nyehelo e tlosang tshito le e tlosang sebe, yona e ne e sa tliswe ka Tempeleng ya Morena; e ne e le ya baprista.


Na ha le tsebe hore Morena Modimo wa Iseraele, o neile Davida puso ya Iseraele yohle, kamehla yohle? O mo neile yona le ditloholo tsa hae, ka selekane sa mehla yohle?


Hesekiya a laela setjhaba se neng se ahile Jerusalema hore se ntshe seabo se newang baprista le Balevi, e le hore ba thahaselle ho phetha Molao wa Morena.


“O tla halaletsa sefuba seo o nyehelang ka sona, le sephaka seo sa seabo, e leng tse tswang pheleung ya kgalaletso ya Arone le ya bara ba hae.


O tla nyehela ka tsona kapele ho Morena, baprista ba di fafatse ka letswai, ba di hlabe e le nyehelo ya setjheso ho Morena.


Nyehelo e nngwe le e nngwe ya hao, ya dijo, o e noke ka letswai. Letswai, e leng selekane se pakeng tsa hao le Modimo wa hao, le se ke la eba siyo nyehelong ya hao ya dijo; dinyehelo tsohle tsa hao di nokwe.


A ka ja bohobe ba Modimo wa hae bo halalelang ka ho fetisisa, le bo halalelang.


E nngwe ya dikuku tsa sehlabelo sena e tla nyehellwa Morena, ka ho e akgotsa. Ena e tla ba ya moprista ya fokang madi a diphoofolo tsa dinyehelo tsa teboho.


“Tsena e tla ba tsa hao: mpho ya bona ya nyehelo e phahamiswang, le nyehelo tsohle tse akgotswang tsa bana ba Iseraele. Ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao, e le molao wa mehla yohle. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja.


Morena a re ho Arone: “Bona, o tla hlokomela dinyehelo tsa ka; ke o neile dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, e le seabo sa hao le sa bara ba hao. Hona ke taelo ya mehla yohle.


O di nke sekotong seo ba se abetsweng, o di nee moprista Eleasare, e be nyehelo e akgoletswang Morena.


Moshe a nea moprista Eleasare seabo seo sa Morena, jwalokaha Morena e ne a laetse Moshe.


“Ke feela dintho tse halalelang tsa lona, le dikano tsa lona, tseo le ka di isang sebakeng seo Morena a tla se kgetha.


Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos