Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:20 - BIBELE

20 Yaba Morena o re ho Arone: “O se ke wa ba le lefa naheng ya bona, o se ke wa ba le seabo hara bona. Ke nna seabo sa hao, le lefa la hao hara bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jehova a re ho Aarone: O ke ke wa rua letho la naha ya bona, mme o ke ke wa ba le lefa hara Baiseraele; ke nna ke leng lefa la hao, le leruo la hao hara bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:20
20 Referencias Cruzadas  

Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”


Ke tadima ka tsohong la ka le letona: Ha ho ya ntsotellang; ha ho moo nka tshabelang teng, ha ho motho ya nnatsang.


Morena, ke wena lefa la ka le mohope wa ka; tseo ke nang le tsona di tswa ho wena.


Leha mmele wa ka le pelo ya ka di ka fela, Modimo ke lefika la ka le kabelo ya ka kamehla.


Ka pelong ya ka nna ke re: “Morena ke yena kabelo ya ka, kahoo ke itshepetse yena feela.”


“ ‘Baprista ba se ke ba eba le lefa le leng; ke nna feela lefa la bona. Le se ke la ba nea leruo naheng ya Iseraele; ke nna feela leruo la bona.


Wena le bara ba hao le tla sebeletsa le baprista mesebetsing yohle ya aletare, le ho tsohle tse ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. Ke o nea boprista e le mpho, empa e mong osele ya ka atamelang, a bolawe.”


Banna bohle ba ileng ba balwa e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e meraro, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo. Balevi ba ne ba sa balellwa le bana ba Iseraele, hobane ba ne ba sa abelwa lefa hara bana ba Iseraele.


Ka baka leo, Levi ha a na kabelo lefeng la bana babo. Morena ke yena lefa la hae, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a boletse.


Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”


“Le se ke la furalla Molevi ya motseng wa lona, hobane yena ha a na kabelo, kapa lefa jwaloka lona.


Jwale ho tla tla Molevi, hobane yena ha a na lefa jwaloka lona; ho tle le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, e leng ba ahileng kahara metse ya lona; ba je, ba kgore, e le hore Morena Modimo wa lona, a tle a le hlohonolofatse mosebetsing wohle oo le o etsang.”


Ke Balevi feela bao a sa kang a ba abela lefa. Dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena Modimo wa Iseraele, ke lona lefa la bona, jwalokaha Morena a ne a ba tshepise.


Empa Moshe ha a a ka a nea Balevi lefa, hobane Morena Modimo wa Iseraele, ke yena lefa la bona, jwalokaha a ne a ba tshepise.


Moshe o ne a se a abetse merabe e mmedi, le karolo e nngwe ya morabe naha e kamose wane ho Jorodane; feela Balevi bona a se ke a ba abela lefa hara Baiseraele,


Balevi bona ha ba na lefa mona hara lona, hobane ho ba baprista ba Morena ke lona lefa la bona. Gade, le Rubene, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, bona ba se ba fumane lefa la bona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, e leng lefa leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba nee lona.”


Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos