Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:21 - BIBELE

21 “Bona mona, bana ba Balevi ke ba neile karolo e le nngwe ho tse leshome la tse bokeletsweng ke bana ba Iseraele e le lefa la bona. Ke moputso wa tshebeletso ya bona eo ba e etsang ka Tenteng ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ke nea bara ba Levi boshome ba tsohle tsa Iseraele, e be lefa la bona, bakeng sa tshebetso ya bona, tshebetso ya tente ya pokano.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:21
26 Referencias Cruzadas  

Ho bokwe Modimo ya hodimodimo, ya o thusitseng ho hlola dira tsa hao.” Jwale Aborame a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome tse hapilweng.


Ka nako ya kotulo le tla nea Faro karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Karolo tse nne e tla ba tsa lona, e be peo, le dijo tsa lona le tsa malapa a lona, le dijo tsa bana ba lona.”


Yaba Josefa o etsa molao naheng ya Egepeta, o ntseng o le teng le kajeno-ya-bokajeno, wa hore Faro a newe karolo e le nngwe ho tse hlano ya tse kotutsweng. Ke masimo a baprista feela ao e sa kang ya eba a Faro.


Ba tlisa dinyehelo, le karolo e le nngwe hodima tse leshome tsa dintho tse abetsweng Morena, le dimpho tse halalelang. Tsena ba di tlisa ka botshepehi. Konaniya wa Molevi e ne e le yena modisa wa dintho tsena, mothusi wa hae e le Shimei, ngwanabo.


ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.


“Ka matlung a polokelo a Tempele ya Modimo wa rona, re tla tlisetsa baprista hlama ya dilopotsiya tsa koro, le dinyehelo tsa rona, le ditholwana tsa mefuta yohle ya difate, le tsa veine, le tsa ole. Re tla tlisetsa Balevi karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tse tswang masimong a rona, hobane ke bona Balevi bao ba fumanang karolo e le nngwe ho tse leshome tsa tsohle tseo re di lemang.


Moprista, eo e leng mora wa Arone, o tla ba teng ha Balevi ba amohela karolo e le nngwe ho tse leshome. Jwale Balevi ba tla tlisa karolo e le nngwe ya dikarolo tsohle tse leshome, e tswang dikarolong tsohle tsa leshome tse tlisitsweng ka Tempeleng ya Modimo wa rona, ba di kenye ka dikamoreng tsa letlole la Tempele.


Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.


Le mehleng ya Serubabele, le mehleng ya Nehemia, ka tsatsi le leng le le leng, Baiseraele bohle ba nna ba ntshetsa dibini le balebedi ba menyako diabo tsa bona. Ba ntshetsa Balevi diabo tsa bona, mme Balevi le bona ba ba ba ntshetsa ditloholo tsa Arone diabo tsa tsona.


Bohle ba morabe wa Juda ba tlisa ka matlung a polokelo karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole.


O na mo lokiseditse kamore e kgolo, eo pele e neng e sebediswa ho boloka dinyehelo tsa dijo le mokubetso, le thepa, le karolo e le nngwe ya tseo ho fanweng ka tsona ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole, tseo ka molao ba neng ba lokela ho di nea Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le dinyehelo tse neng di fuwa baprista.


Kahoo le tla tseba hore ke nna ya le neileng taelo e le hore selekane sa ka le Levi se se ke sa fela,” ho rialo Morena wa mabotho.


Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.


Bona, ke ikgethetse bana beno, Balevi, hara bana ba Iseraele, e le mpho ya hao e neilweng Morena, hore ba sebeletse ka Tenteng ya Morena.


“Atametsa ba morabe wa Levi, o ba hlahise kapele ho moprista Arone, hore ba mo sebeletse.


Bahlabani ba tswang ntweng ba ntshetse Morena seabo. Hodima bathopuwa ba makgolo a mahlano ba ntshe a le mong; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima tse makgolo a mahlano.


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


O tla ja seabo se tshwanang le sa baprista ba bang, kahodimo ho hoo a ho fumanang ka ho rekisa dintho tsa hae.”


Jwale, hara ditloholo tsa Levi, ba amohelang boprista ba laelwa ke Molao ho nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho setjhaba, ke hore ho bana babo bona, leha e le ba tswileng lethekeng la Aborahama.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos