Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Nyehelo e nngwe le e nngwe e phahamisetswang hodimo, ya dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, eo ba e tlisetsang moprista eo, e tla ba ya moprista.

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:9
19 Referencias Cruzadas  

Hoo ho Aarone le bara ba hae e tla ba kabelo ya kamehla hara bana ba Iseraele; hobane ke seabelo sa hlokolo; seabelo sa hlokolo se tla ba teng sa bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho. Seabelo sa bona sa hlokolo e tla ba sa Jehova.


Le tla e jela nqalong e kgethehileng, hoba e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a tjhesetswang Jehova, hobane ke laetswe jwalo.


Haele sefuba se tsokoditsweng, le letsoho le emisitsweng, le tla di jela nqalong e hlwekileng, wena le bara ba hao, le baradi ba hao hammoho le wena; hobane di neilwe lona, e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele.


Kantle ho mahlabelo a tjheswang a mafura, ba tla tlisa letsoho le emiswang le sefuba se tsokotswang, di tle di hlahiswe ka tsokotso pela Jehova; e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao, ka taelo ya kamehla, kamoo Jehova a laetseng kateng.


Moprista ya se hlahisang bakeng sa sebe, o tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang, lebaleng la tente ya pokano. Ya ka amang nama ya sona, o kgethehile.


Mahlabelong a lona a teboho, le tla nea moprista letsoho le letona, a le hlahise ka kemiso.


Hobane mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele, ke nka sefuba se tlang ho tsokotswa, le letsoho le tlang ho hlahiswa ka kemiso, mme ke di nea moprista Aarone le bara ba hae ka taelo ya kamehla, e tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele.


Ke o nea dikabelo tsohle tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisetsa Jehova ka ho di emisa, ke re, ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao ka molao o sa feleng. Ke selekane se se nang ho kgaolwa, se sa feleng pela Jehova, se entsweng le wena le ditloholo tsa hao.


Ka taelo eo Jehova a neng a mo neile yona, Moshe a nea moprista Eleasare lekgetho la Jehova ka mokgwa wa nyehelo.


Ha ekaba eo a se na banababo ba ka buseletswang ntho eo, tefo e lefshwang e tla ba ya Jehova, newe moprista, le yona pheleu ya pheko eo ho tla etswa pheko ka yona.


Empa haele dintho tseo o tla rata ho di kgethela Modimo, le tseo o tla di hlahisa hodima dikano tsa hao, o tla di nka, o ye le tsona, nqalong eo Jehova a tla e kgetha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos