Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 5:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha ekaba eo a se na banababo ba ka buseletswang ntho eo, tefo e lefshwang e tla ba ya Jehova, newe moprista, le yona pheleu ya pheko eo ho tla etswa pheko ka yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Empa haeba motho ya sitetsweng a se na moneketsela oo tefo ya molato e ka iswang ho wona, tefo eo ya molato e tla lefelwa Morena, mme e tla ba ya moprista. Tefo ena ke e kathoko ho pheleu ya tefelo ya sebe, eo moprista a tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka yona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 5:8
8 Referencias Cruzadas  

Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.


O tla busa jwalo theko ya ntho eo a e fothileng ho tse halalelang, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona. O tla e nea moprista; moprista o tla mo etsetsa pheko ka pheleu e ntshitsweng, e be sehlabelo sa molato, mme o tla tshwarelwa.


kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.


Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.


ba tla bolela sebe se entsweng ke bona, mme ba tla busa ntho kaofela e hlahisitseng molato, ba e ekeletse ka bohlano ba yona, mme ba tla e nea eo ba mo sitetsweng.


Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos