hobane ha ba a ka ba phallela Baiseraele ka dijo le ka metsi, empa ba ile ba hira Bileame hore a ba rohake. Leha ho le jwalo, Modimo wa rona a fetola thohako eo hore e be lehlohonolo.
Numere 24:10 - BIBELE Balake a halefela Bileame haholo, mme a opa diatla tsa hae, a re ho Bileame: “Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa bona, o bile o di hlohonolofaditse ka makgetlo a mararo! Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba bohale ba Balake bo tukela Balaame; a opa matsoho, a re ho Balaame: Ke o bitsitse hore o tle o rohake dira tsa ka, mme bona, o di hlohonolofaditse makgetlo ana a mararo. |
hobane ha ba a ka ba phallela Baiseraele ka dijo le ka metsi, empa ba ile ba hira Bileame hore a ba rohake. Leha ho le jwalo, Modimo wa rona a fetola thohako eo hore e be lehlohonolo.
Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.”
“Porofeta, ngwana motho, o be o ope diatla, sabole e hlathe habedi, e hlathe hararo, sabole ya ho ba bolaya e ba etsa mofela, e ba etseditse sakana-la-nkope.
Le nna diatla tsa ka ke tla di opa, ebe kgalefo ya ka ya kokobela. Ke nna Morena ya buileng.”
“ ‘Ruri ke tla o otlela phaello eo o e entseng, ke o otlele le madi ao o a tsholotseng.
‘Bona, setjhaba ke sena se tswang Egepeta se pupeditse naha; jwale tloo, mme o nthohakele sona, mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka.’ ”
Ke tla o tlotla haholo, mme ke tla etsa eng kapa eng eo o tla ntaela yona. Ka baka leo, tloo, ke a o rapela. Nthohakele setjhaba sena!’ ”
Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.”
Balake a re ho Bileame: “O nkentse jwang? Ke o bitseditse hore o tlo rohaka dira tsa ka, empa jwale o bile o di hlohonolofaditse!”
Jwale he, balehela haeno. Ke ne ke hopotse hore ke tla o hlompha haholo, empa ke mona Morena o o timme hlompho eo.”
A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!”
O se ke wa sebeletsa kgotso ya bona kapa boiketlo ba bona ka matsatsi wohle a bophelo ba hao.