Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:2 - BIBELE

2 hobane ha ba a ka ba phallela Baiseraele ka dijo le ka metsi, empa ba ile ba hira Bileame hore a ba rohake. Leha ho le jwalo, Modimo wa rona a fetola thohako eo hore e be lehlohonolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 kahobane ba ne ba sa ka ba ya kgahlanyetsa bana ba Iseraele ka bohobe le metsi, ba mpa ba lefa Balaame hore a ba rohake. Feela, Modimo wa rona ke wona o kileng wa fetola thohako hlohonolofatso.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:2
12 Referencias Cruzadas  

Bona ba a rohakana, empa wena o a hlohonolofatsa; ba ntsohelang matla ba ke ba hlajwe ke dihlong, mohlanka wa hao yena a ke a thabe.


Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”


Bileame a boela a porofeta, a re: “Tsoha Balake, o mamele! Ntshekehele tsebe, mora wa Sipore.


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


“Moamone kapa Momoabe, kapa ditloholo tsa bona, ho ya fihla molokong wa leshome, ba se ke ba dumellwa ho kena ka phuthehong ya Morena kamehla yohle,


hobane ha ba a ka ba le thusa ka dijo le ka metsi leetong la lona ha le etswa Egepeta. Hape ba ile ba le neella ka Bileame, mora wa Beore, ha le le Petore e Mesopotamia, hore a le rohake.


Empa Morena Modimo wa lona, ha a a ka a namela Bileame, mme Morena Modimo wa lona, o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso ho lona, hobane Morena Modimo wa lona, a ne a le rata.


Ba kgelohile tsela e nepahetseng, mme ba lahlehile ka ho latela tsela ya Bileame, mora wa Bosore, ya neng a hohelwa ke moputso wa bokgopo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos