Eitse ha Bajuda bohle ba neng ba le naheng ya Moabe, le ba phelang hara Baamone le Edomo, le ba neng ba phela dinaheng tse ding tsohle, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e siile masalla a Juda, le hore e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be mmusi wa bona,
Jwale ba tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, bathopuwa, le kgapo, le thepa diahelong, diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.
“Ka yona nako eo ra hapa naha ya dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le ka kwano ho Jorodane, ho tloha kgohlong ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Heremone.
Moshe a tloha diphuleng tsa Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, a hlwella hodima tlhoro ya Pisega, e tadimaneng le Jeriko. Morena a mmontsha naha yohle, ho tloha Gileade ho ya fihla Dane,
metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.