Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 26:3 - BIBELE

3 Bo-Moshe le moprista Eleasare ba bua le setjhaba se le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, ba re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Moshe le moprista Eleasare ba fela ba bua le bona mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko;

Ver Capítulo Copiar




Numere 26:3
10 Referencias Cruzadas  

Jwale bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, ba ya hloma diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.


“Balang setjhaba sohle, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, jwalokaha Morena a laetse Moshe.” Bana ke bana ba Iseraele ba neng ba etswa naheng ya Egepeta:


Bana ke bona ba ileng ba balwa ke Moshe le moprista Eleasare e leng yena ya neng a bale bana ba Iseraele ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.


Jwale ba tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, bathopuwa, le kgapo, le thepa diahelong, diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.


Ha ba tloha thabeng ya Abarime, ba ya hloma phuleng ya Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.


Morena a bua ho Moshe, ha Moshe a ne a le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, a re:


Moshe a tloha diphuleng tsa Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, a hlwella hodima tlhoro ya Pisega, e tadimaneng le Jeriko. Morena a mmontsha naha yohle, ho tloha Gileade ho ya fihla Dane,


Morena a mo epela ka kgohlong, naheng ya Moabe, malebane le Bete-Peore. Empa ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ho motho ya tsebang lebitla la Moshe.


Ka matsatsi a mashome a mararo bana ba Iseraele ba llela Moshe ba le diphuleng tsa Moabe, matsatsi a bofifi ba ho mo llela a nto fela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos