Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 36:13 - BIBELE

13 Ena ke melao le ditaelo tseo Modimo a neng a di laele bana ba Iseraele ka Moshe, ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke tsona ditaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe, mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.

Ver Capítulo Copiar




Numere 36:13
12 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ona ke molao wa diphoofolo, le wa dinonyana, le wa dibopuwa tsohle tse phelang, tse tsamayang kahara metsi, le wa dibopuwa tsohle tse hahabang hodima lefatshe.


Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila.


Tsena ke ditaelo, le dikahlolo, le melao eo Modimo a neng a e etse pakeng tsa hae le bana ba Iseraele ka Moshe, a le thabeng ya Sinai.


Ena ke melao eo Morena a e laetseng Moshe bakeng sa bana ba Iseraele, a le thabeng ya Sinai.


Jwale bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, ba ya hloma diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.


Bo-Moshe le moprista Eleasare ba bua le setjhaba se le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, ba re:


Yaba Morena o bua ho Moshe a le diphuleng tsa Moabe, pele noka ya Jorodane, mabapa le Jeriko, o re:


Morena a bua ho Moshe, ha Moshe a ne a le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, a re:


Baradi ba Selofehade ba ile ba nyalwa malapeng a bara ba Manase, mora wa Josefa, mme lefa la bona ya nna ya eba lefa la morabe wa lelapa la ntata bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios