Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bana ba Iseraele ba tloha, mme ba emisa mahwatateng a Moabe, mose wane ho Jordane, mabapa le Jeriko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale bana ba Iseraele ba tswela pele leetong, ba ya hloma diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:1
14 Referencias Cruzadas  

Hape, le Bajuda kaofela ba neng ba le Moabe, le setjhabeng sa bana ba Ammone, le Edomo, le ba neng ba le mafatsheng wohle a kamathoko, ba utlwa hobane morena wa Babilona o sietse Juda masala, le hobane o beile Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, modisa wa bona.


ba tloha Bamothe, ba ya sekgutlong se naheng ya Moabe, se fellang qhoweng ya Pisga, ka nqa feelleng.


Moshe le moprista Eleasare ba fela ba bua le bona mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko;


mme ba tshwerweng, le kgapo yohle, le thepa, ba di tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le phutheho ya bana ba Iseraele diahelong, lehwatateng la Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.


mme re ke ke ra rua letho hammoho le bona ka mose wane wa Jordane, le ka pele ho moo, kahobane, re tla ba le lefa la rona ka mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabela.


Meloko e mmedi eo le halofo ya leloko, ba se ba nkile lefa la yona ka mose o kwano wa Jordane, mabapa le Jeriko, ka nqa botjhabatsatsi.


Jehova a bua le Moshe mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko,


Ke tsona ditaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe, mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.


Moshe eitse ha a le mose o kwana wa Jordane, naheng ya Moabe, a qala ho hlalosetsa Baiseraele molao ona, a re:


Ka mokgwa oo, mohlang oo, ra amoha marena a mabedi a Baamore naha e mose o kwana ho Jordane, ho tloha nokaneng ya Arnone, ho isa thabeng ya Hermone.


Moshe a tloha mahwatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, qhoweng ya Pisga malebana le Jeriko; Jehova a mmontsha lefatshe lohle: naha yohle ya Gileade ho isa Dane,


Bana ba Iseraele ba llela Moshe, mahwatateng a Moabe, ka matsatsi a mashome a mararo; matsatsi a dillo le a bofifi ba Moshe a ba a fela.


metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos