Ka lemo tse mashome a mane, lehwatateng, wa ba fepa, ba se ke ba hloka letho; aparo tsa bona tsa se ke tsa taboha, maoto a bona a se ke a ruruha.
Numere 20:5 - BIBELE Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, wa re tlisa sebakeng se sebe see? Ke sebaka se ke keng sa lengwa, ha se na difeiye, kapa morara, kapa dikgarenate; ebile ha ho na le metsi a ka nowang!” Sesotho 1909/1961 (SO) Na ke ka baka lang le re ntshitseng Egepeta, la re tlisa bakeng sena se sebe na? Hase naha eo re ka e lemang, ha ho difate tsa feiye ho yona, leha e le tsa morara, leha e le tsa garanata, leha e le metsi a ka nowang. |
Ka lemo tse mashome a mane, lehwatateng, wa ba fepa, ba se ke ba hloka letho; aparo tsa bona tsa se ke tsa taboha, maoto a bona a se ke a ruruha.
“Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena: “ ‘Ke hopola ho nkgomarela ha hao botjheng ba hao, kamoo o nthatileng kateng o sa le monyaduwa, wa ntshala morao lehwatateng, naheng eo ho sa jalwang, ho sa jalwang letho ho yona.
Ke hobaneng ba sa kang ba botsa, ba re: ‘O kae Morena ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, yena ya ila re fetisa hara lehwatata, naheng ya mahlabathe le ya madumela; naha e sekaka, e leng naha ya matshabeho, eo ho seng ya kila tsamaya ho yona, eo motho a eso phele ho yona?’
Jwalokaha ke ile ka ahlola bo-ntata lona lehwatateng la naha ya Egepeta, le lona ke tla le ahlola, ho rialo Morena Modimo.
Ebile ha o a re fihlisa naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ha wa re nea lefa la naha le masimo a morara. Na o tla foufaletsa banna baa nnete ya ditaba? Rona ha re ka ke ra nyolohela ho wena mono!”
“Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba.
hobane ha setjhaba se ne se belaela ka nna, bobedi ba lona le ile la mphetohela ha le le lehwatateng la Sine, la hana ho bonahatsa ho halalela ha ka ka metsi, moo setjhaba se ntseng se bona.” Metsi ana ke metsi a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine.
Ke yena ya le tsamaisitseng lehwatateng le leholo, le tshabehang, moo ho nang le dinoha tse mahloko a bohale, le diphepheng; le naheng e omeletseng, moo ho neng ho se na metsi, empa a le fa metsi a tswang lefikeng la morallana.