Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 20:6 - BIBELE

6 Bo-Moshe le Arone ba tloha setjhabeng, ba ya monyakong wa Tente ya Morena. Ba itihela fatshe ka difahleho, mme tlotla ya Morena ya iponahatsa ho bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Moshe le Aarone ba tloha phuthehong, ba ya monyako wa tente ya pokano. Ba wa ka difahleho tsa bona; mme kganya ya Jehova ya ba hlahela.

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:6
15 Referencias Cruzadas  

Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.


Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.


Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Setjhaba see ke tla se etsa jwang? Ho se ho se hokae se ntlepetsa ka majwe!”


Morena a theoha a le kahara leru le lopaletseng, a ema monyakong wa Tente, a bitsa Arone le Meriama, mme bobedi ba bona ba tla.


Yare ha setjhaba sohle se re se ba tlepetsa ka majwe, tlotla ya Morena ya iponahatsa ka Tenteng ya Morena ho bana ba Iseraele bohle.


Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho kapele ho phutheho yohle ya setjhaba sa bana ba Iseraele.


Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle.


Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”


Ha Moshe a utlwa taba ena a itihela fatshe ka sefahleho,


Ha setjhaba se bokane ho lwantsha Moshe le Arone, bo-Moshe le Arone ba kgutlela Tenteng ya Morena, mme leru la e kgurumetsa, tlotla ya Morena ya iponahatsa.


“Tlohang hara setjhaba sena, ke tla se timetsa ka ho panya ha ntshi!” Bona ba itihela fatshe ka difahleho.


Morena a bua ho Moshe, a re:


A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”


Joshua le baholo ba Iseraele ba hahola diaparo tsa bona, ba itihela fatshe ka difahleho, kapele ho areka ya Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba itshela ka lerole dihloohong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos