Numere 2:34 - BIBELE Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba hloma pela mekgele ya bona, ba tswela pele leetong, e mong le e mong le ba lelapa la hae, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng. Ba ne ba emisa jwalo mabapa le difolaga tsa bona, mme ba ne ba tloha jwalo, e mong le e mong ka ntlo ya hae le ka ntlo ya bontatae. |
Bana ba Iseraele ba ne ba entse mosebetsi wohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.
Moo bana ba Iseraele ba tla hloma teng, monna e mong le e mong a robale pela tente ya hae, monna e mong le e mong pela mokgele wa hae, ho ya ka mabotho a bona.
Bana ba Iseraele ba tloha lehwatateng la Sinai, ba tswela pele leetong la bona, ba tsamaya ba hloma, ba hlomola, leru la ba la ya ema lehwatateng la Parane.
Ona e bile mokgwa oo bana ba Iseraele ba neng ba ye ba tswele pele ka wona leetong, ho ya ka mabotho a bona, ha ba tsamaya.
“Ha bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona, e mong le e mong wa bona a be pela mokgele wa hae, tlasa folakga ya ntlo ya ntatae. Ba tla hloma ditente tsa bona di potapotile Tente ya Morena, feela ba be hojana le yona.
Empa ha e le Balevi ha ba a ka ba balellwa le bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
“Ho ho phoso eo a e boneng ho Jakobo, ha ho bokgopo boo a bo boneng ho Iseraele. Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba a mo thoholetsa, ba re ke kgosi ya bona.
Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,
Ena ke meloko ya Arone le Moshe, mohla Morena a neng a bua ho Moshe a le hodima thaba ya Sinai.
Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.