Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 2:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng. Ba ne ba emisa jwalo mabapa le difolaga tsa bona, mme ba ne ba tloha jwalo, e mong le e mong ka ntlo ya hae le ka ntlo ya bontatae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. Ba hloma pela mekgele ya bona, ba tswela pele leetong, e mong le e mong le ba lelapa la hae, ho ya ka matlo a bo-ntata bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 2:34
15 Referencias Cruzadas  

ke moo nke keng ka swaba ha ke nahana ditaelo tsa hao tsohle.


Bana ba Iseraele ba hla be etsa mosebetsi wohle kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Moshe, kamoo a neng a laetswe ke Jehova kateng, a fela a ba bala, lefeelleng la Sinai.


Bana ba Iseraele ba tla emisa ka makgotla a bona, e mong le e mong sebakeng sa hae, haufi le folaga ya habo.


Bana ba Iseraele ba etsa tsohle kamoo Jehova a di laetseng Moshe kateng; ba fela ba etsa jwalo.


bana ba Iseraele ba tloha lefeelleng la Sinai, ka lenaneo la ho tsamaya leo ba neng ba le laetswe; mme leru la ema lefeelleng la Parane.


Ke lona lenaneo leo bana ba Iseraele ba tsamaileng ka lona, ka makgotla a bona; ba tloha jwalo.


Bana ba Iseraele ba tla hloma ditente tsa bona mabapa le difolaga tsa matlo a bontata bona, e mong le e mong haufi le folaga ya hae. Ba tla di hloma ba teetse tente ya pokano hare, malebana le yona.


Empa Balevi ha ba ka ba ngollwa hara bana ba Iseraele, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.


Ke bana bana ba Aarone le Moshe, mohla Jehova a buang le Moshe thabeng ya Sinai.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos