Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.
Numere 2:3 - BIBELE “Ba tla hloma ka botjhabela e tla ba ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Juda, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Juda e tla ba Naheshone, mora wa Aminadabe. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka nqa botjhabela, pela tente, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Juda, ka lekgotla la yona; ke morena wa banna ba Juda, Nasone, mora Amminadabe, |
Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.
Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.
Rama a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Naheshone, e leng yena kgosana ya bana ba Juda.
Le hoja Juda a ne a le matla ho feta bana babo, mme mmusi a ile a hlaha lapeng la hae, ditokelo tsa boholo e ile ya eba tsa Josefa.
Arone a nka Elesheba, moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.
“Ana ke mabitso a banna ba tla le thusa: Lapeng la Rubene e be Elesure mora wa Shedeure.
“Ha o hlaba mokgosi wa pele ka terompeta, ba diahelong tse ka botjhabela ba tla tswela pele leetong.
Palo ya lebotho la hae e ne e le dikete tse mashome a supileng le metso e mene le makgolo a tsheletseng.
Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.
Kgosana e ileng ya etsa nyehelo ya yona ka letsatsi la pele ya eba Naheshone, mora wa Aminadabe, wa morabe wa Juda.
Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Naheshone, mora wa Aminadabe.