Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:38 - BIBELE

38 Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Ba neng ba hloma ka nqa kapele ho tabernakele, ka nqa botjhabela, pela tente ya pokano, ka nqa botjhabatsatsi, e ne e le Moshe, le Aarone, ka bara ba hae, e leng bona ba baballelang bana ba Iseraele dintho tsa sehalalelo; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:38
12 Referencias Cruzadas  

Ka tsela ena ba ne ba hlokomela Tente ya Morena, le Sehalalelo, mme ba thusa bara ba Arone, e leng bana babo bona, ho hlokomela ditshebeletso tsa Tempele ya Morena.


Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.


Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”


“Ba tla hloma ka botjhabela e tla ba ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Juda, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Juda e tla ba Naheshone, mora wa Aminadabe.


Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.”


Malapa a ba leloko la Gereshone a ne a emisa kamora Leaho, ka bophirimela.


Malapa a bara ba Kohate a ne a emisa ka borwa ho Tente ya Morena.


Kgosana ya ba ntlo ya Merari e ne e le Suriele, mora wa Abihaile; ba ne ba ye ba emise lehlakoreng la Tente ya Morena, ka leboya.


le ditshiya tsa seotlwana se potapotang, le ditshehetso tsa tsona; le dimapo tsa tsona, le dikgwele tsa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos