Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Ba neng ba hloma ka nqa kapele ho tabernakele, ka nqa botjhabela, pela tente ya pokano, ka nqa botjhabatsatsi, e ne e le Moshe, le Aarone, ka bara ba hae, e leng bona ba baballelang bana ba Iseraele dintho tsa sehalalelo; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

38 Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:38
12 Referencias Cruzadas  

Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.


Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Ka nqa botjhabela, pela tente, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Juda, ka lekgotla la yona; ke morena wa banna ba Juda, Nasone, mora Amminadabe,


O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Ba matlo a Gershone ba ne ba hloma tente tsa bona kamora tabernakele, ka nqa Bophirimela.


Ba matlo a bara ba Kehathe, ba ne ba hloma tente tsa bona ka lehlakoreng la tabernakele le ka nqa borwa.


Morena wa ntlo ya bontata matlo a Merari, e ne e le Tsuriele, mora Abihaile. Ba ne ba hloma tente tsa bona mabapa le tabernakele, ka nqa leboya.


le ditshiya tsa lebala le teetseng tabernakele hare le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa yona le dikgwele tsa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos