La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 16:2 - BIBELE

banna bana ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba bang ba bana ba Iseraele, ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bao e leng mahosana a setjhaba, ba tumileng, ba kgethilweng setjhabeng.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba bana ba Iseraele, dihlooho tsa phutheho, batho ba baholo ba lekgotla, banna ba mabitso.

Ver Capítulo



Numere 16:2
10 Referencias Cruzadas  

Ka yona nako eo, le kamora moo, diqhobane tsa eba teng lefatsheng, ha bara ba Modimo ba bokana le baradi ba batho, ba tswala bana le bona. Bana bao ke tsona dinatla tsa boholoholo tse tumileng haholo.


Ba morabe wa Efraime e ne e le bahale ba dikete tse mashome a mabedi le makgolo a robedi, ba tumileng malapeng abo bona.


Dihlooho tsa malapa abo bona ke tsena: Efere, le Ishi, le Eleele, le Asariele, le Jeremia, le Hodafiya, le Jahediele. E ne e le bahale ba tumileng, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona.


Ka baka la botle ba hao, botumo ba hao ba tlalatlala hara baditjhaba, hobane mekgabiso eo ke neng ke o kgabisitse ka yona e ile ya etsa hore botle ba hao bo phethehe, ho rialo Morena Modimo.


Ba ile ba mo tsodisa, ba nka bara le baradi ba hae, yena ba mmolaya ka sabole. O ile a fetoha pale hara basadi, mme kotlo ya mo wela hodimo.


Bana ke bona ba ileng ba kgethwa hara setjhaba, e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mahosana a diketekete tsa Baiseraele.


Meriama le Arone ba bua hampe ka Moshe, ka baka la mosadi wa Mokushe eo a neng a mo nyetse, hobane o ne a nyetse mosadi wa Mokushe.


Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.


Bara ba Eliabe e ne e le Nemuele, le Datane, le Abirame. Datane le Abirame ke bona ba neng ba kgethilwe ke setjhaba, mme ke bona ba kileng ba lwantsha Moshe le Arone, ba ena le ba sehlopha sa Kora, ha bao ba ne ba fetohela Morena.


“Ntata rona o ile a shwella lehwatateng. O ne a se sehlopheng sa ba neng ba ikopantse, ba lwantsha Morena, e leng ba sehlopha sa Kora. Empa o ile a shwa ka baka la sebe sa hae. O ne a se na bara.